PUSO LE MOLAO WA TEKANO
Puso ke eng?
Puso ke tshebediso ya matla setjhabeng. Puso e amana le ho etsa qeto ya dipolotiki, moralo wa phedisano le moruo ha mmoho le motheo, tlhokomelo le tshebetso ya dibopeho tsa setjhaba le diinstitjhushene.
Dikamano dipakeng tsa puo le tekano ya bong
Tlhokeho ya tekano le kgethollo di dula e le ntho tse keneletseng ka botebo dibopehong, ditlwaelong le tjhadimong tsa setjhaba. Melawana le maano ha mmoho le mananeo a mmuso ke ntho tse ka qholotsang kgethollo mme tsa ntshetsa pele tekano. Di ka matlafatsa le ho tiisa dikamano tsa seholoholo tsa botswadi ha mmoho le ditlwaelo tsa bong le ho tlisa boemo bo nyenyefatsang basadi setjhabeng.
Ho kenyeletswa ha dingongoreho tsa bong molaong, maanong le mananeong a mmuso ekasitana le mekgweng ya tshireletso, tshebetsong le institjhusheneng tsa mmuso ke ntho ya bohlokwa haeba tekano ya bong e lokela ho fihlelwa.
Ho amoheleha ka kakaretso hore ho kenyeletswa le ho kgona ho ba teng ha basadi maemong kaofela moo ho etswang diqeto teng ke tokelo ya motheo, mme hore basadi ba be le tshusumetso ha ho etswa diqeto, ba lokela ho kena ka bongata haholo hore e be ditho tsa dibopeho tsa mofuta o jwalo.
Puso ho la Afrika Borwa
Ho tloha nakong eo ho suthwang kgethellong ho fihlela ho boemo ba demokerasi ka 1994, ho fihletswe dintho tse ngata tsa bohlokwa bakeng sa basadi lehlakoreng la dipolotiki, ha mmoho le tabeng ya
Seabo se seholwanyane tshebetsong tsa puso;
Boemedi bo boholwanyane mmusong;
Motheo wa lethathama la mekgwa ya institjhushene ya ho ntshetsa pele tekano ya bong; le
Ho kenyeletswa ha mahlakore a bong molaong, maanong a setjhaba, mananeong le mererong ya di project.
Ho ile ha thehwa lethathama la di institjhushene kapa dibopeho tsa ntshetsopele ya tekano ya bong tse kang:
Khomishene ya Tekano ya Bong (CGE) ? ke e nngwe ya Institjhushene tsa Mmuso tsa Kgaolo ya 9 tse Tshehetsang Demokerasi ya Molao wa motheo e hlahiswang karolong ya 181 ya Molao wa motheo. E thehilwe ka Mmesa ka selemo sa 1997 ho latela Molao wa 39 wa Khomishene ya Tekano ya Bong wa 1996;
Ofisi ya Boemo ba Basadi (OSW) - e ofising ya Presidente le di-ofisi tsa diprovense di reretswe ho hlongwa di-ofising tsa ditonakgolo tsa diprovense. Ke lehokela la bohlokwa dipakeng tsa boitlamo bo batsi ba mmuso tekanong ya bong le phethahatsong ya boitlamo bona. Mesebetsi ya bohlokwa ya Ofisi ya Boemo ba Basadi (OSW) ke ho hokahanya, ho thusa le ho hlokomela phethahatso ya leano la bong mmusong. Ofisi ya Boemo ba Basadi (OSW) e boetse e na le boikarabelo ba ho hlokomela boinyalanyo ba mmuso le mekgatlo ya matjhaba e kang wa CEDAW;
Sehlopha sa Basadi sa Palamente (PWG) ? ke foramo ya mekga e mengata ya basadi kaofela bao eleng ditho tsa palamente palamenteng ya naha. Mesebetsi ya sehlopha sena e kenyeletsa hara tse ding, ho thusa basadi ka palamenteng ho tshohla le ho kopanela ditaba tsa bong, le ho netefatsa hore ho na le ntlafatso e etswang palamenteng hore ho be le boemedi ba bong dibopehong tsa yona.
Komiti e Kopanetsweng e Emetseng Ntlafatso ya Boleng ba Bophelo le Boemo ba Basadi ? e entswe ka ditho tsa Palamente le tsa Lekgotla la Naha la Diprovense. Ka kakaretso, seabo sa Komiti ena e Emeng palamenteng ya naha ke ho netefatsa hore ho na le mmuso o sebetsang hantle le o bonaletsang ha mmoho le ho thusa ka nyehelo tsa setjhaba tshebetsong ya palamente. Ba ikarabella tlhokomelong ya mafapha a mmuso le ho lekola melao e hlahisitsweng ke mafapha.
Ho fihletswe katleho e kgolo mabapi le tekano ya bong, Afrika Borwa jwale e boemong ba palo ya bo leshome le motso o mong ka bophahamo ya baemedi ba basadi ka palamenteng lefatsheng ka bophara.
Boitlamo ba mmuso boemeding ba basadi bo boetse bo bonahetse boemong ba khabinete moo palo ya basadi bao eleng matona e phahameng ho tloha ho 15% ka 1994 ho fihlela ho 28% ka 1999 le 40% ka 2004.Ho eketseha ha boemedi ba basadi ho boetse ho bonahetse boemong ba diprovense moo ho latela dikgetho tsa 2004, ditonakgolong tse 9 tsa diprovense, tse 4 tsa bona eleng basadi.
Katleho tse ding tsa bohlokwa tse entsweng ke Basadi ka morao ho 1994 di kenyeletsa:
Hore e be tekano ya bong e ile ya tjhaellwa monwana e le motheo o moholo wa demokerasi e ntjha;
Boitlamo ba mmuso ba ho kgothaletsa le ho netefatsa tekano ya bong e keneletseng institjhusheneng tsa mmuso le mahlakoreng a mang a moruo;
Ho na le dikotwana tse fapafapaneng tsa molao le dibopeho tsa molao tsa ntshetsopele le kgothaletso ya tekano ya bong;
Basadi ba teng dipolotiking ka palo e bonahalang le e eteletseng lefatshe pele mme ho na le mekgwa ya institjhushene e teng ho betla le ho kgothaletsa tekano ya bong.
Tse ding tsa diphephetso tseo Basadi ba iphumaneng ba tjamelane le tsona ka morao ho 1994 di kenyeletsa:
Boitlamo ba basadi le banna ba Afrika Borwa ba ho theha tekano ya bong Afrika Borwa;
Ho kopana le dipolotiki tsa mekgwa ya bophelo le ditabatabelo tsa botjhaba tse laolang bophelo ba batho ba letsatsi le letsatsi setjhabeng sa rona le basadi ba boemo bo tlase;
Basadi ba bangata ba dula ba jere sekgobo sa bofuma, HIV/Aids le dikgoka tsa bong;
Boemo ba phedisano le ba moruo ba basadi, haholo basadi ba kojwana di mahetleng le ba batho ba batsho ba dulang metseng eo eseng ya diteropo, ha bo eso fetohe hakaalo mme ho dula ho ntse ho na le sekgeo se seholo dipakeng tsa katleho lehlakoreng la dipolotiki le la molao ha mmoho le boemo ba nnete ba bophelo ba basadi ba bangata. Hangata ditabatabelo tseo eleng tsona tse matla tsa phedisano le tsa botjhaba ba setjhaba ke tsona tse tlisang dithibelo tse nyarosang tsa monate wa ditokelo tse keneletseng tsa molao;
Le ha Molao wa rona wa motheo le melao e fapafapanang e tiisa hore basadi ba lokelwa ke ho fumana menyetla e lekanang ya melemo e tliswang ke demokerasi le hore ba lokela hore ba tshwarwe ka ho lekana le ka tlhompho, ba sa pepesetswe diketso tsa dikgoka ebile ba kgona ho hlahisa bokgoni ba bona ba mmele, ba kelello le ba tlhompho ya botho, ditabatabelo tsa botjhaba tse bopang bophelo ba basadi ka dinako tse ding di ba hlokisa tokelo eo;
Ho lokollwa ha phumaneho ya mehlodi e dumellang mananeo a dibopeho tsa naha tsa bong le di institjhushene;
Tjhadimo ya dilemo le dikgopolo tse abelang basadi boikarabelo ba praevete le banna boikarabelo ba setjhaba, di matlafatsa ka mehato e fapaneng ya meetlo, botjhaba, tumelo le diphatlalatso.
Moralo wa tshebetso wa Molao le Leano
MEKGATLO YA MATJHABA E KGOTHALETSANG SEABO SA BASADI PUSONG
MEKGATLO YA LEBATOWA E KGOTHALETSANG SEABO SA BASADI PUSONG
Kgaolo ya Afrika mabapi le Ditokelo tsa Botho le tsa Batho;
Kgweletso ya SADC mabapi le Bong le Ntshetsopele ya 1997;
MOLAO WA AFRIKA BORWA WA SEABO SA BASADI PUSONG
Molao wa 108 wa Molao wa motheo wa Riphabiliki ya Afrika Borwa wa 1996 (Molao wa motheo);
Molao wa 55 wa Tekano Mosebetsing wa 1998;
Molao wa Khomishene ya Tekano ya Bong wa 1996;
Molao wa Kgetho ya Phediso Boimana wa 1996;
Molao wa Dipehelo tsa Mantlha wa 1997;
Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi wa 1995;
Molao wa Tshebediso ya Dikgoka Lapeng wa 1998;
Molao wa Kananelo ya Manyalo a Sesotho wa 1998;
